![cover image](https://wikiwandv2-19431.kxcdn.com/_next/image?url=https://upload.wikimedia.org/wikipedia/commons/thumb/4/43/Schistosomiasis_in_a_child_2.jpg/640px-Schistosomiasis_in_a_child_2.jpg&w=640&q=50)
Schistosomiasis
From Wikipedia, the free encyclopedia
Schistosomiasis, e tsejwang hape ele feberu ya kgofu, ke helminthiasis ke bolwetse bo bakwang ke dintho tse pedi tse amanang eo e nngwe e leng senwamadi se bitswang schistosome. Peipi ya moroto kapa ya mala e kanna ya ameha. Matshwao le matshwao a ho kula a kanna a kenyeletsa mahlaba ka mpeng, letshollo, mantle a madi, kapa moroto o madi. Ba tshwaeditsweng nako e telele ba kanna ba ba le ho senyeha ha sebete, ho hloleha ho sebetsa hantle ha diphio, ho sitwa ho ima kamora ho leka, kapa mofetshe wa senya. Baneng, e kanna ya baka ho hola ho fokolang le bothata ba ho ithuta.[1]
Schistosomiasis | |
---|---|
Tlhophiso le mehlaodi ya kantle | |
![]() | |
ICD/CIM-10 | B65 B65 |
ICD/CIM-9 | 120 120 |
DiseasesDB | 11875 |
MedlinePlus | 001321 |
Bolwetse bo nama ka ho kena metsing a foreshe a nang le tshwaetso ya dinwamadi. Dinwamadi tsena di hlahiswa ke dikgofu tsa metsi a foreshe tse tshwaeditsweng. Bolwetse bo tlwaelehile haholo hara bana ba dinaha tse ntseng di tswela pele kaha ho etsahala hangata hore ba bapalle metsing a tshwaeditsweng. Dihlopha tse ding tse kotsing e kgolo di kenyeletsa balemi, batshwasi ba ditlhapi, le batho ba sebedisang metsi a sa hlwekang letsatsi le leng le le leng.[1]Bo fumanwa sehlopheng sa tshwaetso ya dinonometsane.[2]Tlhahlobo ya ho kula eka ba ka ho fumana mahe a senwamadi morotong kapa mantleng a motho. Eka netefatswa hape ka ho fumana dilwantshadikokwanahloko tse kgahlano le bolwetse mading.[1]
Mekgwa ya ho thibela bolwetswe e kenyeletsa ntlafatso ya phumantsho ya metsi a hlwekileng le ho fokotsa palo ya dikgofu. Dibakeng tseo bolwetse bo totileng, moriana wa praziquantel ho kanna ha fanwa ka ona hang ka selemo sehlopheng sohle. Hona ho etswa ho fokotsa palo ya batho ba tshwaeditsweng mme, ebe ho latela, ho nama ha bolwetse. Praziquantel hape le yona ke kalafo e kgothaletswang ke Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (WHO) bakeng sa ba tsejwang ba tshwaeditswe.[1]
Schistosomiasis e amme ho ka bang dimilione tse 210 tsa batho lefatsheng ka bophara.[3] Ho ka etsang 12,000[4] ho isa ho 200,000 ya batho ba bolawa ke yona selemo se seng le se seng.[5] Bolwetse bona bo fumanwa haholo Afrika, mmoho le Asia le Amerika Borwa.[1] Ho ka etsang dimilione tse 700 tsa batho, dinaheng tse fetang 70, ba phela dibakeng tseo bolwetse bo fumanehang haholo.[5][6] Dinaheng tsa ditropiki, schistosomiasis ke ya bobedi feela ho malaria hara malwetse a dinwamadi e nang le sekgahla hodima kgolo ya moruo.[7] Schistosomiasis e lenaneng la bolwetse ba ditropikeng bo sa tsotellweng.[8]