Lehloyo la melata
From Wikipedia, the free encyclopedia
Lehloyo la melata ke tshabo e sa utlwisiseheng ya se bonwang e le ketso e sa tlwaelehang. Lehloyo la melata le ka bonahala ka ditsela tse ngata tse kenyeletsang dikamano le menahano ya sehlopha se itseng se tsebanang, se sebetsang kapa ho phela mmoho, sehlopheng se seng se sa amaneng le sona, menahano eo e kenyeletsa ho lahlehelwa ke botho kapa semelo, pelaelo ya diketso tsa sona, dikgoka le ho batla ho fedisa ho ba teng ha sona ho sireletsa bophelo bo se nang diketso tse sa lokang. Lehloyo la melata le ka boela la bontshwa ka sebopeho sa "thoriso e seng mpe ya botjhaba bo bong" eo ho yona botjhaba bo thoholetswang "ho se be bohlokwa ka tsela e sa tlwaelehang ya diketso tseo e seng tsa nnete" Phatlalatso ya Vienna le Lenaneo la ho phethahatsa ketso e itseng e kgothalletsa mmuso ho nka mehato ya hanghang le ho etsa maano a matla a ho thibela le ho fedisa mefuta kaofela ya kgethollo ya morabe le diketso tse bonahalang tsa kgethollo ya morabe, lehloyo la melata kapa ho se be le mamello ho amanang le diketso tseo, moo ho hlokehang ka molao o sebetsang o loketseng o kenyeletsang mehato ya kgalemo.